Jehova mo tsamaise song lyrics

Jehova, mo tsamaise
Ngoan’a hao ea sepelang;
Ke phaila ke tsietsoe
Tseleng moo ke hlahlathang!
bis

Ntate, u se fele pelo
Ha ke ntse ke kheloha;
Ho lefifi, hase boomo,
Ke timelloa ke tsela.
bis

Leha ke khoehla mangole,
ke pheella, ke khasa;
Ba heso ba ntsiile bohle,
Na nka lahloa ke uena?
bis

Lira ke li sheba mahlong,
ke tseha litsietsi;
Ha ho tsabo, ha ho dihlong,
U ho β€˜na, ha ke β€˜notsi;
bis

Ha ke tsela noka e ntso,
ke nyahama ke teba.
U mpalamise maqhubu,
U ntsike ka liatla.