Miya
Ke thelleng,
Ke le Letebele la ha Miya,
La ha Sekelemane,
Kobo di pedi, ngwana Kgojane,
Tsa bola hlooho,
Tsa bola bokalakata,
E nngwe ke ya ho apesa boroko,
E nngwe ke ya ho apesa bosudu!
KAPA
Ke Lephuthi, Lekgolokwe, Lekotswana,
Mahlaba kgoho ka lemao,
A e ise ho Mokgolwane kgorong,
A re: Morena bona,
Ke hlabile e manoni a maholo.
KAPA
Ke Lephuthi Lekotswana,
Phuthi la ha Rakgwase,
Phuthi e tshoha ka meso e anyese
Leave a Reply