Motaung wa Modise, Motho wa motanyane, Tanka bodiba madiba a matala ha a tshelwe, A tshelwa ke rona feela tau tse tshehla, Enwa eo ereng ha a tsamaya le motho amo harole mmoho le dikobo, O hata ka maro, O bjabjaretsa feela hloho le masapo wena tau sebata, Halala Tau Sebata Halala!