Mohlakoana Pholo’a Lisema!

Leila-ho-ngoatheloa,

Leila-polokoe ea maobane!

Bahlakoana ba bina pina bosiu;

Bahlakoana ba tšoana le Bataung.

A! Ekaka ba hlanyetsa senkhoana!

Oa ma-Mahlatsi,

Liea-ha-Mahlatsi ha le ke li khutla!

Oa ma-mohoma o moholo.

Ke motho oa Mosito le Napo!

ii)

Mohlakoana oa ma-Pholo’a Lisema!

Maila-ho-ngoatheloa,

Maja-polokoe-kaofela.

Bahlakoana ha ba je sengoathoana sa maobane.

iii)

Mohlakoana oa Lisema!

Ha u e-ea Tlhakoaneng u ee Mariha,

U tla teana le lipolokoe patlellong;

Hlabula teng ba futsoella bana matlung.

iv)

Bahlakoana ba ma-Napo’a Mosito!

Bahlakoana babo Pholo’a Lisema!

[Kapa: Bahlakoana babo Tau ea Tihela]

Bahlakoana le ba etele Mariha,

Hoba Hlabula ba futsoella matlung;

Ke batho bas a jeng ngoathoana sa maobane,

Ba jang polokoe kaofela.

Mabeoana abo Kali’a Tšolo

Maila-ho-ngoatheloa

Bahlakoana ba tšoana le Bataung,

Bahlakoana ba bina pina bosiu.

v)

Mohlakoana oa ma-Pholo’a Lisema!

Maila-ho-ngoatheloa;

Maja-polokoe-kaofela, a e re:mph!

vi)

Mohlakoana oa ma-Nkokoto!

Hlabane Rakolojane, thoto e eme;

E ee habo Makhimisa,

Habo Kau lekhalong.

vii)

Mohlakoana oa Mahaseng!

Lepotla-potla le ja poli,

Mapena-matšoerane;

Lesisitheho le ja khomo,

Ramatenane’a Napo’a Mosito,

Oa batho ba sa jeng sengoathoana.

Mabeoana abo Kali,

Maila-ho-ngoatheloa!