Makgolokwe Clan Praises
Re le Makgolokwe,
Mahlabakotswana,
Mahlaba kgoho ka lemao ka sebonong,
A e hlaba,
A e isa kgorong ha Mokgolane,
Mokgolane a e ja, a ba a e halala,
A re βkgutla hape o yo eketsa,
Motho wa Wetsi!β
Makgolokwe,
Makotswana,
Mahlaba kgoho ka lemao,
A e ise ho Mokgolane kgorong,
A re: Bona morena,
Ke hlabile!
Ke hlabile manoni a maholo,
Batho ba Rapeso,
Batho ba Seya pele kgotsong,
Ho sa busa Letlatsa le Lephatshwana,
Batho ba ha Wetsi,
Batho ba ha Marowa le Molotsana,
Batho ba Rapeso!
More about MakgolokweEducational videos
π SEARCH π+ ADD CLAN NAMESβΆ UTube Channel
Ke kopa sereto sa Makgolokwe a Basikili
Ke kopa ho tseba ho re Bakgolokoe ba kopana jwang le Bakoena Bahlakona?