Makgolokwe Clan Praises

Re le Makgolokwe,

Mahlabakotswana,

Mahlaba kgoho ka lemao ka sebonong,

A e hlaba,

A e isa kgorong ha Mokgolane,

Mokgolane a e ja, a ba a e halala,

A re β€œkgutla hape o yo eketsa,

Motho wa Wetsi!”

Makgolokwe,

Makotswana,

Mahlaba kgoho ka lemao,

A e ise ho Mokgolane kgorong,

A re: Bona morena,

Ke hlabile!

Ke hlabile manoni a maholo,

Batho ba Rapeso,

Batho ba Seya pele kgotsong,

Ho sa busa Letlatsa le Lephatshwana,

Batho ba ha Wetsi,

Batho ba ha Marowa le Molotsana,

Batho ba Rapeso!