Maiyane
Ke Mokwena wa Maiyane
Wa kgomo ya Leruo,
Leruo la kgomo, mora Motlohelwa,
Ba Mmamotetenene wa Kgosi,
Ba kgatampi e ntle, sebapalla,
Ba maleruo le tloha ho kgomo, le ye ho motho.
Pai, Mokgwenyana o mo siya ho kae?
Se je Mokgwenyana hara lepatlelo.