Ke Mohlakwana wa MmaNapo a Mosito,
Bahlakwana le ba etele mariha,
Hoba hlabula ba futswella matlung.
Ke batho ba sa jeng sengwathwana,
Ba ja polokwe kaofela.
Mabewana a bo Kadi a Tsholo, maila ho ngwathelwa,
Maila kgwantjhana ya maobane.
Bahlakwana ha le batho, le baloi,
Bahlakwana le bina pina bosiu.
KAPA
Ke Mohlakwana wa MmaPholo a Disema,
Maila ngwathwana sa maobane,
Motho eo e reng a tla ja ho thehe meriti,
Ho be ho thehe le e menyane ya diotlwana.
KAPA
Ke Mohlakwana a Pholo ya Disema,
Maila ho ngwathelwa
Motho ya sa jeng ngwathwana sa maobane,
Wa Napo le Mosito,
Ya jang feela ha ho thea ya diotlwana,
Ho theha e menyenyane,
Ke letibi, ke lefirwane,
Tshwene ya etjha senana e beleha,
Ke Kwena, kwenanyane,
E a hlapa, e a theosa madiboho,
Kwena, kwena tse ding ha di e je!