meaning of names πŸ’› clan names πŸ’― history

izithakazelo

Tag: BATLOKWA

Batlokwa | Motlokwa

β€œBatlokwa ke bana ba Motlokwa
Motlokwa a tswala Motho
Motho a tswala Kgwadi
Kgwadi a tswala Mokgobohedi
Mokgobohedi a tswala Mohwabadi
Mohwabadi a tswala Mmediwane
Mmediwane a tswala Kuena
Kuena a tswala Letjaha
Letjaha a tswala Kgwadi wa bobedi II
Kgwadi II a tswala Swaswane
Swaswane a tswala Modingwana
Modingwana a tswala Masilo
Masilo a tswala Malope
Malope a tswala Molatodi
Molatodi a tswala Lebaka
Lebaka a tswala Nkgahle
Nkgahle a tswala Tumisi
Tumisi a tswala Leteka
Leteka a tswala Tafa kapa Dafa
Tafa a tswala Mokgalo
Mokgalo a tswala Lebaka II (wa bobedi)”

SEBOKO SA BATLOKWA 

Batlokoa ke ba lelapa la boreneng,Mme ba ana ka nkwe. Re fumana Batlokwa ba ha sekonyela,ba ha Tsotetsi,ba ha Molefe,ba ha Sebiloane,jwalo jwalo. Bana ke bona ba ha Sebiloane,bao e reng ha ba ipolela ba re:

β€œKe Sebiloane was ha letsholo la Mankitlane,

Motho ya sa jeng qhetswana la maobane,

Motho ya jang polokwe e ntjha,

Motho wa ba Matiya,

Phakwe ha e ba je, e ka bola molomo,

Ke Motlokoa so.”

Ba bang Batlokwa ha ba ipolela ba re:

β€œKe letsibulo la Mokgalo was Mmatjotjo,

Ngwana wa Rabosielo,lekgukguntsha kodu,

Motho a lo bona mmae,

A dule le mosadi wa hae,

A dule le Mmadosielo,

Motho was Seboloka,

Motho eo a reng a tla Shea,a pongwe hlooho,

A sale a nyeketsa ka mohatlana,

Kgohledi ya basadi ba ditlebeso,

Mosadi ha a ja a iphehele,

Ha a sa iphehele o kgohlela lephako,

O re mang a iphehele,o patalletswe ke ngwanabo ntatae,

O mo patalletse thole sa nku e emere,

O mo tlohele a tjhe le dimpampa,

Mpampa! mpampa! mpampa!.”

Ba bang ba ke Batlokwa ba Molefe:

β€œKe Motlokwa was ha Molefe,

Wa ha Molefe,wa ha Sebidi,

Wa Mmankgaodise wa ho nkga lefotha,

Le mohla nama e leng siyo ha motho

Wa ha Mmanthatisi a Motonosi.”

Powered by WordPress & Theme by Anders NorΓ©n

error: